O ka kopa Buka ya Boitsebiso (ID) jwang
Ka ntle ha eba kopo ya hao e utlwahala, mme e tlatsitswe hantle. Lefapha le tla kgona ho sebetsa tokomane ya hao ya boitsebiso nakong e ka bang dikgwedi tse pedi. Ha o kopa bukana ya boitsebiso o tlamehile ho hlalosa hore o tla e lata kapa re o posetse yona atereseng ya hao.
Kopo ya pele
Tlatsa foromo ya B1-9 eo ho fanweng ka yona diofising tsa Lefapheng la Tsa Lehae naheng ka bophara.
Romela foromo ya hao ya kopo le e nngwe ya ditikomane tse latelang:
Ha ho tefello ya letho mabapi le ho ntshuwa ha bukana ka lekgetlong la pele
Boloka setlanakana sa kamohelo ha ho sa ntse ho sebetswa ka bukana e le hore se tle se thuse ho batla bukana
Ho ntshuwa leketlo la bobedi
Tlatsa foromo ya B1-9 eo ho fanweng ka yona diofising tsa Lefapheng la Tsa Lehae naheng ka bophara.
Lefella ho ntshuwa ha bukana lektelo la bobedi R12-00 ebe o boloka setlankana sa hao hore se tle se sebediswe ha o tlo lata bukana.
Diofisi tsa Lebatowa
Ha o batla ho botsa hore Ofisi ya Lefapha la Tsa Lehae e haufi e hokae, o ka buisana le ofisi ya lebatowa sebakeng sa heno.
